Komiti e tsamaisang liki ea Lesotho (Premier League Management Committee) e ahlotse sehlopha sa mapolesa.

Kahlolo ena e tla ka morao ho hore ebe Simunye ha ea bapala le lihlopha tse kenyeletsang Linare le Kick4Life.
Puisanong le raliphatlalatso oa sehlopha sa mapolesa monghali Mosiuoa Lekhooana o netefalitse hore PLMC e ba batile le sa tšeloeng ke nta.
A re PLMC e ile ea ba ngolla lengolo la ho itlhalosa hore ke ka mabaka a feng ba kekeng ba ba nkela likhato tsa molao ka ho hloleha ho bapala le lihlopha tse boletsoeng ka holimo (Show course why).
Ke ha ka Labohlano le fitileng (16.07.21) PLMC e ahlotseng LMPS ka ho e amoha lintlha tse tharo le likoulu tse tharo (3 points and 3 goals).
Monghali Lekhooana o tsoetsepele ho khobotla hore hona ka letsatsi leo sehlopha se kentse boipiletso ba kahlolo eo ho latela melao e tsamaisang bolo ka hara naha.
“Ho fihlela ha joale ha re so tsebe letsatsi la nyeoe empa re tla lula re falimehile le ho beha sehlohlolong bohle ba nang le kobo ea bohali sehlopheng sa Semunye”, ho rialo raliphatlalatso oa Simunye.
A thetha puo ea hae ka hore ha a boemong ba ho teba ka litaba tse susumelitseng hore ba seke ba bapala lipapali tse boletsoeng hobane ke marumo ao ba tla hlasela ka oona nyeoeng ea maipiletso.
Ho sa le joalo Lesotho Sports Blizz e ile ea phura leshoetla le ralipahatlalatso oa PLMC monghali Qamako Mahao.
Monghali Mahao o netefalitse hore ba tloebile Semunye.
A re lebaka la ho etsa joalo ke hobane sehlopha sena se ikhethetse ho se bapale lipapali tsa sona le lihlopha tsa Linare le Kick4Life ka mabaka a sa hlakeng.
“Molao o hlakile, Simunye e ne e laetsoe (Fixtured) ho bapala le lihlopha tseo eaba ka boikhethelo ba bona ha ba bapale lipapali tseo”, ho bolela monghali Mahao.
A supa hore sehlopha sa LMPS se ile Leribe eaba ha se fihla teng ha se bapale papali eo. Hape ba ne ba lokela ho bapala le Kick4Life eaba ba ikhethela ho se bapale ka mabaka a sa utloahaleng.