Royal Carter o re sihile

Sehlopha sa Lioli se phatlalalitse polelo eo se tsebisang sechaba hore mokaubere Tšeliso “Royal Carter” Osler o hlokahetse ka la Supa khoeling e holimo.

Mofu Ts’eliso Carter Osler

“Ke letsatsing la maobane ka la 7 September 2021 feela ha ofisi ea sehlopha e fumana pii ea eo mokaubere oa sehlopha sa rona, ‘me re le sehlopha re tšiamong le lelapa la Osler ka tahlehelo eo ea bona”, ho hlalosa polelo ea Lioli.

Ho utloahala ha botsamaisi ba sehlopha sa Lioli se ile sa hloela bokaubere enoa lapeng ha hae ka la 17 Phupu monongoaha.

Sepheo sa ketelo ena ha hae Nokong e ne e le ho ea fumana hore monghali Osler o ntse a phela hantle.

Polelo ea Lioli e supa hore botsamaisi bo ile ba mo fumana a ntse a phetse hantle ba ba ba fana ka limpho tsa lijo (Grocery) ho lelapa la hae nakong ena eo Covid-19 e thatafalitseng bophelo.

Puisanong le raliphatlalatso oa sehlopha sa Lioli monghali Kananelo Snizo Ramokoatsi o hlalositse hore Carter e ne e le sebapali se hloahloa sa Lioli e sitana le sehlopha sa naha “Likuena”.

A re o bapaletse Lioli ho tloha selemong sa 1957 a bapala nomorong ea botšelela.

“Re le sehlopha re lakatsa ho tšelisa lelapa la Osler, lelapa la Lioli le la papali ea bolo ka kakaretso”, ho phethela Lioli.

Leave a Reply

Fill in your details below or click an icon to log in:

WordPress.com Logo

You are commenting using your WordPress.com account. Log Out /  Change )

Twitter picture

You are commenting using your Twitter account. Log Out /  Change )

Facebook photo

You are commenting using your Facebook account. Log Out /  Change )

Connecting to %s

%d bloggers like this:
search previous next tag category expand menu location phone mail time cart zoom edit close