Tšoaetso ea kokoana-hloko ea COVID 19 e ntse e le boemong ba tlokotsi ka hara naha, ka hona sechaba se lokela ho ba hlokolosi.

Litaba tsena li boletsoe ke motlatsi oa NACOSEC monghali Thabo Ntoi.
O tsoetsepele ho supa hore Lesotho le ntse le le mmaleng o pherese, e le hore mekete le likopano li ntse li notliloe.
Ha e le thekiso ea mothamahane eona e lumelletsoe ho rekisoa ho tloha ka Mantaha ho fihlella ka Labohlano.
Ho tloha moo bareki ba joala ba lokela ho nka liphutheloana tsa bona ba lebe malapeng.
Monghali Ntoi o tobokelitse hore sechaba se tšoare lipere tsa sona ho fihlela tšoaetso e theohileng haholo, ke hona NACOSEC e tla eletsa Tona-kholo hore a fane ka taelo ea ho theohela mmaleng o mong.
Ho sa le joalo monghali Ntoi o hlalositse hore lipalo tsa kentelo li phahame ka likarolo tse 14 lekholong (14%).
O supile hore Basotho ba entileng ba 290, 000.
Motlatsi oa mookaameli o tobokelitse hore sepheo ke hore ha selemo sena se fela ho bo entiloe batho ba milione le likete tse makholo a mahlano.
Ente ha e tlame empa sechaba se khothaletsoa ho enta ke NACOSEC.
Empa ha ho ea hlakisoa hore na batho ba qobellang basebetsi ho enta ho tla e tsoa joang ka bona.
Ka ho tšoana bophatlatsi bo fitisang mafosisa le bona NACOSEC ha ea toboketsa hore na ba tla nkeloa bohato bofeng.
________________________________________
