Mokhatlo oa libapali tsa bolo oa thehoa

Boemeli ba libapali tsa bolo ea maoto tsa Lesotho bo thehile mokhatlo oa libapali tsa bolo ea maoto.

Mokhatlo ona o kenyeletsa libapali tse ntseng li le tšebetsong, mekhahlelo ea lihlopha tse kholo, A, B le C.

Hape mokhatlo ke oa libapali tsa banna le basali ba libapali.

Sepheo sa mokhatlo ho latela moeletsi oa mokhatlo monghali Tumelo Marathulo ke ho sireletsa libapali tsa Lesotho.

Sena ba tla se etsa ka hore ba eletse libapali pele li tekena likonteraka le lihlopha tseo ba libapallang.

Ba tla fana ka boramolao ba tla tataisa libapali ka linako tsohle, le ho thusa ka tšehetso ea bophelo (Medical Insurance).

Monghali Marathulo o hlalositse hore ba lakatsa ho ba setho sa mokhatlo oa lefatše o bitsoang FIFTRO, le COSAFA.

Ha joale ke linaha tse tharo fela Afrika tseo e leng litho ka mekhatlo ea tsona ea libapali tsa COSAFA e leng Afrika Boroa, Botswana le Zimbabwe.

Mokhatlo ha o phethela molao theo oa ona ba tla kopa mokhatlo oa bolo ea maoto Lesotho (LeFA) ho ba karolo ea ona.

Komiti ea nakoana ea mokhatlo ona oa libapali e eme joana:

President: Tšeliso Sello

Vice President: Ntsane Lichaba

Secretary: Percy Mohami

Vice Secretary: Leshoboro Kori

Communication Officer: Tšeole Ranthimo

Treasurer: Leluma Posholi

_________________________________________________________

Leave a Reply

Fill in your details below or click an icon to log in:

WordPress.com Logo

You are commenting using your WordPress.com account. Log Out /  Change )

Twitter picture

You are commenting using your Twitter account. Log Out /  Change )

Facebook photo

You are commenting using your Facebook account. Log Out /  Change )

Connecting to %s

%d bloggers like this:
search previous next tag category expand menu location phone mail time cart zoom edit close