Sehlopha sa banana sa ba ka tlase ho lilemo tse 17 ha se na ho kenela lipapali tsa AUSC Region 5 tse tla tšoareloa Lesotho ka Tšitoe monongoaha.

Sena se hlalositsoe ke raliphatlalatso oa mokhatlo oa bolo ea maoto Lesotho (LeFA).
Monghali Mikia Kalati o hlalositse hore qeto eo e fihletsoe hobane botsamaisi ba bolo Lesotho bo hlokometsi hore sehlopha sa baroetsana se neng se lokela ho emela naha lipapaling tse boletsoeng ha li bo emong ba ho emela naha.
Baroetsana bana ba bonahetse ba le morao linthong tse ngata tsa boitukiso, ka hona ba ile ba lokela ho huloa lipapaling tsena le ha ba ile ba ba ‘moho nako e itseng ka sepheo sa ho itlhophela lipapali tsa Region 5 le COSAFA.
Le ha ho le joalo Kalati o supile hore banana bana ba tla tsoelapele ka likoetliso ba le ‘moho. A re boikoetliso ba bona bo tla laoloa ke hore na bafumaneha kapa che hobane ke bana ba likolo.
Ka matsatsi a mang matichere a bona a bahloka le ka mafelo a beke e le ho koala sekheo se bakiloeng ke khalefo ea seoa sa COVID 19.
Ho sa le joalo Basotho ba tla hopola hore ho bile le litaba tsa hore banana bana ba ea hlekefetsoa kampong, eaba LeFA e re e tla etsa lipatlisiso tsa litaba tseo hore na ke nnete kapa che.
Kalati o supile hore lipatlisiso li ile tsa kenyeletsa batsoali ba bana bana joalo ka ha ba ntse ba le lilemong tse tlase.
“Re boetse ra kenyeletsa le bahlabolli litabeng tsena”.
“Liphuputsong tsa rona ha ho ea fumaneha bo nnete ba litaba tseo, pelaelo ke hore ho na le batho ba batlang ho senya LeFA lebitso ka ho ngola litaba tsena tse se nang motheo ho likhokahanyo tsa sechaba (Social Media)’’, ho toboketsa raliphatlalatso oa LeFA.
Mikia o phethetse ka hore ba ntse ba lebeletse tlalaho ea bahlabulli ea mapomela.
Potsong ea hore na ho huloa hoa banana lipapaling tsa AUSC Region 5 ha li na letsuka la pelaelo eo ea hore ba ne ba hlekefetsoa kampong o latotse bosehla.

Litaba tse ling tse hlahellang ke hore LeFA e tšoaretse banna le basali thupelo ea bokoetlisi Bambhatha Tšita Maseru e thakhohileng ka Mantaha o fitileng.
Ke banna ba 25 le basali ba bahlano ba kenetseng boichoriso bona.
“Hona ke mokhahlelo oa bobeli oa thupelo ea bokoetlisi ea boemo ba D License, ea pele e thakhohile Qacha’s nek libekeng tse peli tse fitileng”, ho bolela Kalati.
Bakoetlisi thupelong ena ke benghali Sepheephe “Mochini” Matete le Khotso Ramanki eo eena a shebaneng le litaba tsa bana e leng sethopo.
______________________________________________________________________________
