Hosane linonyana li tla be li lula batho li re ke lifate lebaleleng la First National Bank (FNB) Khauteng Afrika Boroa ha lipoho tse peli tsa Khauteng li koebana e leng sehlopha sa bolo ea maoto Kaizer Chiefs se tla be se thulana le sa Orlando Pirates.
Ka mehla ha lihlopha tsena lithulana ho qoba lerole, matšoafo a ea uba ho barati ba tsona.
Papaling ena ea mohope oa DSTV e tla hapa lipelo tsa ba buhi joalo ka matsatsi a fitileng.
Sehlopha sa Chiefs se bonahala se sa sebetse hantle ho hang, empa ha se ntho e ka makatsang batho ha se tlabola Pirates.
Empa ka ho tšoana Pirates e betere haholo ho feta Chiefs monogoaha, sena se pakoa ke hore Pirates e boemong ba botšelela ha Chiefs e le boemong ba bosupa.
Lihlopha tsena ka bobeli li bapetse lipapali tse robong eaba libokella lintlha tse 14 1e 12 ka tatellano.
Le ha ho le joalo re tla boha ha ngoale e khiba hosane ha hora ea boraro e fitile ka metsotso e 30.
Sehlopha se matla ke sona se tla hlola.