Sehlopha sa Lesotho se khethiloe – AUSC REGION 5

Lihlopha tse itukisetsang lipapali tsa AUSC Region 5 tsa ba ka tlase ho lilemo tse 20 likhethiloe ka katleho haufinyane.

Mohlala ke sehlopha sa volleyball se khethiloeng ka Laboraro le fitileng, ‘me ho thontsoe libapali tse 12 kaofela.

Libapali li lebeletsoe ho ba sebakeng se le seng mafelo a beke ho tloha ka Labohlano ho fitlela ka Sontaha.

Moetapele oa sehlopha (Chef De Mission) sa Lesotho monghali Caswell Moru o hlalositse hore ba ea litlholisanong lipapaling tsena e bile ba batla ho hapa mehope sebakeng sa Lesotho.

A re holatela hore ba ntse ba sebetsana le bana ba likolo tse fapakaneng ba tla lokela ho ba kopa ho mesuoe ea bona hore ba ba lokolle.

Le ha ho le joalo monghali Moru o supile hore ba se ba lebeletse ho tla fumana chelete ea mokhahlelo oa bobeli haufinyane.

Ka hona ba khotsofetse hore ba tla itlhophisa hantle ho se na mathata.

Qholotso e hlahellang ke hore joalo ka ha lipapali li tla thakhoha ka la Tharo Tšitoe  ke nako eo le lihlahlobo li tla be li tsoelapele.

Ka hara lihlahlobo tseo ke bana ba qetelang bao ho se nang mokhoa oa hore ba ka qoba litlhatlhobo tseo.  

Leave a Reply

Fill in your details below or click an icon to log in:

WordPress.com Logo

You are commenting using your WordPress.com account. Log Out /  Change )

Twitter picture

You are commenting using your Twitter account. Log Out /  Change )

Facebook photo

You are commenting using your Facebook account. Log Out /  Change )

Connecting to %s

%d bloggers like this:
search previous next tag category expand menu location phone mail time cart zoom edit close