Sehlopha sa Afrika Boroa Mamelodi Sundowns se bonahalang se jele masoko se tlabotse sa Marumo Gallants ka lintlha tse ‘ne ho lehe (4-0).
Papapali ena e tsoetsepele ka la Supa Pulungoana monongoaha lebaleng la Peter Mokaba.
Sundowns e hlasitseng e bile ke eona e eteletseng pele liki ea DSTV ea naheng ea bohaisane.
Lihlopha tsena li ile khefutsong Sundowns e eteletse pele ka ntlha e le ngoe e hlabiloeng ke Themba Zwane ha metsotso e le 24 papali e ntse e tsoelapele.
Haele lintlha tse tharo tsa Sundowns li kene ka hara metsotso e 12 e leng 78, 87 le 90.
Lintlha tse peli ho tsena li hlabiloe ke Peter Shalulile ha engoe e kene ka leoto la Pavol Safranko. Ka hona Sundowns e ntse e li hula nthau ka lintlha tse 25, ha Gallants e le chobeng.
Sundowns e butsi lekhalo la lintlha tse hlano kaofela lipakeng tsa eona le e hlahlamang e leng Stellenboch.
Ho sa le joalo, maobane Kaizer Chiefs e ile ea poqa Orlando Pirates ka lintlha tse peli ho e le ngoe lebaleng la First National Bank.
Papali ena e ne e shebiloe ka leihlo le nchocho ke ba lateli le barati ba li hlopha tsena tse peli tsa SOWETO.
Lintlha tse peli tsa Chiefs li hlabiloe ke Keagan Dolly ka mora khefutso, ha ea Pirates eona e kene ka leoto la Onassis Linda Mntambo ea bapalang bohareng ba lebala.
Sena se entse hore Chiefs e nyolohele boemong ba bo tšelela ha Pirates e ntse e tsitsitse ho boemo ba bosupa.