Botsamaisi ba sehlopha sa bolo ea maoto sa Lioli bo amohetse lengolo leo ka lona General Manager monghali Hlalele Matobako a itokollang hang hang mosebetsing oa hae ka la 10 Pulungoana, monongoaha.

Litaba tsena li tihisitsoe ke raliphatlalatso oa Lioli monghali Kananelo “Snizo” Ramokoatsi.
O boletse hore monghali Matobako o kopile ho lokoloha mosebetsing ka mabaka a hae a mo amang e le motho, a sa hlalosoang.
“Botsamaisi bo rata ho mo leboha ka bosebeletsi bo botle boo a bo entseng ka har’a sehlopha nakong eo e ntseng e le mosebeletsi oa Lioli, ‘me re le sehlopha re mo lakaletsa bophelo bo botle, katleho le mahlohonolo leetong la hae le lecha”, ho phethela Snizo.
Liteko tsa rona tsa ho fumana monghali Matobako li ile tsa folotsa.
Ho sa le joalo, sehlopha sa naha Likuena se ntse se ikoetlisetsa Mohale’s hoek kajeno (13.11.21).
Potsong ea hore na ke hobaneng sehlopha se koetlela Majantjeng raliphatlalatso oa mokhatlo o tsamaisang bolo ea maoto Lesotho (LeFA) monghali Mikia Kalati o supile hore ha ho phoso hobane ke sehlopha sa naha.
“Ke sehlopha sa naha ntate, hape LeFA e na le lebala mona. Ha se lekhetlo la pele taba ea mofuta ona e etsahala hobane e ne e etsahale lilemong tse fitileng”, ho hlalosa monghali Kalati.
………………………………………………………………………………….
Advert
