Lipapali tsa AUSC Region 5 tse tlo tšoareloa Lesotho ho tloha ka la Tharo ho fihlela ka la 12 Tšitoe li tla bapaloa ho se na letšoele ka mabaleng.
Litaba tsena li hlaheletse ka Sontaha se fitileng puong ea ho bula thupelo ea baqolotsi ba litaba ea mookameli (CEO) ea lithlophiso tsa lipapali tsena monghali Morake Raleaka.

“Leha muso o buletse hore letšoele le ka shebella lipapali mabaleng a fapakaneng, empa ba hlahise bopaki ba hore ba entile, lipapaling tsena ha ba na ho lumelloa”, ho hlalosa monghali Morake.
Monghali Morake o supile hore ho latela litlhophiso ha ho ea kenyeletsoa letšoele hobane boholo ba likhokahanyo tsa chelete li ile tsa lebiso litabeng tsa ho sebetsana le seoa sa COVID 19 se hlasitseng lefatšeng ho kenyeletsa Lesotho.
Ka hona e le hore Basotho ba fumane lipapali tsena baqolotsi le baphatlalatsi ba litaba tsa lipapali ba tla lokela ho sebatsa ka thata.
E le hore ba atlehe mosebetsing oa bona ba lokela hore bakoetlisoe ka lipapali tse ilo bapaloa mabaleng a fapakaneng.
A re e le ho akofisa litsebo tsa baphatlalatsi ba hlophisitse thupelo e eneng e tšoaretsoe hoteleng ea Khali hona ka Sontaha se fitileng. Baphatlalatsi ba ne ba rupelloa lipapali tsa mabelo, Judo, gymnastic le netball.
A tsoelapele ho toboketsa hore lipapali li tla hasoa ke thelevishini ea Lesotho, liealemoea e sitana le marang-rang.
O phethetse ka hore le ha lipapali li tšoaetsoe ho thakhoha ka la Tharo empa ho na le tse tla bapala pele ho letsatsi le boletsoeng.
_________________________________________________________________
Papatso
