Tsebiso ea sechaba

NO: 44                                                                                                                   28.11.2021  

K’hamphani ea Metsi le Likhoekhoere (WASCO) e hlokomelisa sechaba se phelang tlasà letamo la Metolong hore letamo le se le tletse haholo hoo ho tloha ka Moqebelo oa la 27 Pulungoana, 2021 le seng le qalile ho tšoloha. 

Sesosa ke lipula tse sale li ena ka sekhahla se phahameng ho tloha khoeling e fetileng ea Mphalane, 2021. Ka hona sechaba sohle se phelang haufi le noka ea Phuthiatsana se koptjoa ho ela hloko hore ha fela lipula li ntse li tsoelà pele ho na ka sekhahla sena, letamo le ntse le tlo tsoela pele ho tšoloha, `me le noka ea Phuthiatsana e ntse e tlo tsoela pele ho ja litlhokoe. 

Ka lebaka lena WASCO e hlokomelisa sechaba sohle, haholo-holo se phelang pelà  letamo la Metolong le haufi le noka ea Phuthiatsana ho ela hloko le ho qoba lintlha tse latelang:

  1. Ho tšela moo eseng maliboho le libaka tse sa bolokehang,
  2. Ho thibela bana ho bapalla kapa ho lisetsa pelà noka,
  3. Ho noesa mehlape le liphoofolo nokeng ea Phuthiatsana boemong bona,
  4. Ho qoba ho rafa lehlabathe haholo nakong ena eo noka e tletseng,
  5. Ho se hlatsoetsoe pelà mabopo a noka ea Phuthiatsana
  6. Ho khaotsa ho leka metsi ka lere tekong ea ho tšela noka,
  7. Ho nena lipolelo tsa mabare-bare a reretsoeng ho thetsa sechaba. 

Leave a Reply

Fill in your details below or click an icon to log in:

WordPress.com Logo

You are commenting using your WordPress.com account. Log Out /  Change )

Twitter picture

You are commenting using your Twitter account. Log Out /  Change )

Facebook photo

You are commenting using your Facebook account. Log Out /  Change )

Connecting to %s

%d bloggers like this:
search previous next tag category expand menu location phone mail time cart zoom edit close