Litereke tsa Mafeteng le Qacha’snek ha li ea emeloa sehlopheng sa Lesotho sa mabelo sa lipapali tsa bacha tsa AUSC Region 5 tse tlo tšoareloa ka hara naha ho tloha ka la Tharo Tšitoe monongoaha.

Lipapali tsa mabelo tsona li tla thakhoha ka la robong.
Ho ea ka mookameli oa mokhatlo oa mabelo Lesotho (FAL) monghali Tšeliso Pheta ha ba ea tseba mabaka ao ka oona sehlopha sa Mafeteng se sa e meloa lipapaling tsena.
O hlalositse hore ba tsebisitse lihlopha kaofela ka boemeli ba tsona ka Whatsapp. A re ka moo ka leboteng leo ho na le baokameli le bangoli ba lihlopha.
Monghali Pheta a toboketsa hore mokhatlo oa habo o ile oa mema lihlopha kaofela ho ba le seabo lipapaling tsena tsa naha.
O tsoetsepele ho supa hore lipapali tse tla keneloa ke sehlopha sa Lesotho ke tse bapalloang ka lebalelng, ka hona li tla koebana lebaleng la Setsoto kapa la Leshoboro haeba Setsoto se na le qholotso ha nako eo e fihla.
Lipapali li tla kenyeletsa, mabelo a malelele le a makhutšoane, short put le jumps.
Ke libapali tse 40 tse tla kenela lipapali tsena e sitana le tse 20 tsa ba nang le bokooa ba pono ho latela mekhahlelo ea bona e fapakaneng ea pono.
Limathi tse lebeletsoeng moo ke tse ka tlase ho lilemo tse 18 empa eseng ka tlase ho tse lilemo tse 16.
Monghali Tlotliso Ntai mookameli oa mokhatlo oa mabelo seterekeng sa mafeteng (MDAA) o netefalitse hore bana ba bona ha ba ea kenela lipapali tsena tsa AUSC Region 5.
O itse ba utloile taba ena ka marang rang, ha ba ea mengoa ka kotloloho.
Empa le ha ho le joalo ba ile ba botsa hore na ho hlokahala bana ba lilemo lifeng, eaba ha ba fumane karabo e hlakileng.
A supa hore ba ile ba romela bana moo ho neng ho ilo matheloa teng ebe ho etsoa khetho. Ke moo ho itsoeng ho khethiloe bana ba lilemo tse tse fosahetseng.
Ba tsebesitsoe bosiu hothoe ka la hosane ba romele bana ba lilemo tse nepahetse.
“Bana ba lula hole le moo re phelang teng re le botsamaisi, ka hona ho ne ho se bobebe hore re ka fumana ka nako e kalo.
“Ha re no letsetsa bana bosiu ka hora ea borobong, batsoali ba tla re makalla”, ho totobatsa monghali Ntai”.
Litaba tsa hore ho tluoa Mafeteng ba li tsebile ka Labohlano mantsibuea hothoe ho mathoa ka Moqebelo e ntse e le boitlhopho ba ho khetha ba tla emela naha, le hona ba li bona Facebook.
Mongoli ha a hlokomela litaba tsena a botsa hore na hothoe lipapali li ilo tšoareloa kae, ka nako efeng ho hlokahala batho ba joang.
“Ha ho motho ea ileng a raba hotsoa ho ba hlophisi ba lipapali tseo, empa ba arabiloe ke motho oa Leribe ea itseng ho joalo lipapali li tla tšoaroa Mafeteng ke phetho.
“Re ne re sa tsebe na ho na le lebelo, ho ea bana ba lilemo tse kae le hore ke ba bakae ka palo.
“Ha re tsebe na ho entsoe khetho hokae hobane ha ho na lithlolisano tse ileng tsa tšoaroa literekeng”, ho bolela mookameli oa mokhatlo oa Mafeteng ka lentsoe le phefa.
Monghali Ntai o ile a makala ke mokhoa oo ho sebelitsoeng ka teng, haholo hobane ke bona ba ne ba lokela ho lokisa mabala.
O phethetse ka hore ha ho na puisano entle lipakeng tsa bona le komiti e tsamaisang lipapali tsa mabelo ka lebaka la tsamaiso empe e sa ikamahanyang le tsamaiso e nepahetseng.