Lipapali ha li kenye chelete ‘musong

Paramente ea Lesotho e fitisitse leano la lipapali ka sepheo sa ho batalatsa mabala litabeng tse amanang le lipapali.

Sena se boletsoe ke mookameli oa lipapali mofumahali Puisano Tšosane ha a bula ka molao ‘moka o akaretsang oa selemo oa Komisi ea lipapali (LSRC) Maseru Avani ka la Robong Pherekhong monongoaha.

“Leano le bolela hore re tla ipehela meoloane ea hore ho khethoe batho ba mofuta ofeng,” ho hlalosa mookameli.

“Leano le tla tataisa hore na beng ba lipapali ba khethe batho ba nang le litsebo eseng motho fela”.

O tsoetsepele ho toboketsa hore ha a kopa chelete sebakeng sa ho tsamaisa lipapali o botsoa hore na lipapali tsona li kenya bokae ka mokotleng oa ‘muso.

A ipiletsa ho batho ba ‘mokeng moo ho sebetsa ka khotso ho ntlafatsa lipapali, ba qobe likhohlano.

Ha e le moetapele oa LSRC monghali Jobo Raswoko eena o boletse hore Komisi e na le boikarabelo ba ho tlalehela litho.

A re ba tšohle litaba ba botse moo e bang ha ba ea hlakeloa.

“Re ile ra khoptjoa lipapaling tsa AUSC Region 5 tsa ba lilemo li katlase ho tse 20 tse neng li tšoaretsoe Lesotho ngoahola. Le ha ho lejoalo libapali le boralipapali ba kentse letsoho hore Lesotho le hlahe hantle mafatšeng”, ho bolela monghali Raswoko.

 A etsa tsebiso ea hore pele selemo sena se fela batla ba le seabo lipapali tse tšoanang Malawi, ka hona boitlhopho bo lokela ho thakhoha hona joale.

Moetapele o tobokelitse hore Komisi ha e na matlole a lekaneng, empa ba ntse ba khaketsoa ke lekala la lipapali, ke ka hona ba sa sebetseng hantle lipapaling.

Mokhatlo oa Lesotho National Olympic Committee (LNOC) o ne o emetsoe ke moetapele oa ona ea satsoa khethoa monghali Tlali Rampooane.

Monghali Rampoone ha koala phutheho eo, o itse lipapali li ka felisa manomoro ka hara naha. Hape ‘mele o koetlang ha o hlaseloe ke mafu ha bobebe.

O ipilelitse ho litho tsa LSRC hore ba sebetse ‘moho ho hontlafatsa lipapali Lesotho.

Phuthehong ena ea tšoereng molepo e le mongoli oa LSRC le ralichelete ba ile ba teka litlaleho tsa ba tsa tšohloa ka khotso.

Leave a Reply

Fill in your details below or click an icon to log in:

WordPress.com Logo

You are commenting using your WordPress.com account. Log Out /  Change )

Twitter picture

You are commenting using your Twitter account. Log Out /  Change )

Facebook photo

You are commenting using your Facebook account. Log Out /  Change )

Connecting to %s

%d bloggers like this:
search previous next tag category expand menu location phone mail time cart zoom edit close