Motlatsi oa mookameli oa NACOSEC o re batho ba ne ba kentse nyeoe e potlakileng ka khotla hore melaoana (The Public Health Covid-19 Regulations No 4 of 2021) e kenyeletsang hore batho ba sa entelang Corona ba tingoe litšebeletso tse ling ba hlotsoe ke nyeoe.

Monghali Thabo Ntoi o hlalositse hore nyeoe e neng e kene ka la 18 Pherekhong lekhotla le laetse hore melaoana eo e tsoele pele e le tšebetsong.
Ho ea ka monghali Ntoi nyeoe e setseng eo eleng hona ho tla lahloa malepe ka eona ke hore na ho nepahetse kapa ho fosahetse hore e be ho khothaletsoa batho ho entela Corona, haeba ba sa enta ba seke ba fumana litšebeletso mafapheng a boletsoeng.
Ho latela molaoana ona oa 2021 o totobalitse ka puo ea sekhooa hore:
(A person who in accordance with Schedule I, is identified under a category of persons who are required to be vaccinated by a health vaccinator, nurse, or medical practitioner, shall not engage in work, perform duties, provide or acquire services at any institution or place of work, study or business unless:
- The person has received at least one dose of an approved Covid-19 vaccine; and
- The person has received or has evidence of a booking to receive a second dose of the approved Covid-19 vaccine within two months of the first dose).
Se boleloang ke molao ona ke hore motho o tla tingoa litšebeletso ha sa enta kapa a sa fana ka bopaki ba hore bonyane o fumane ente ea pele mofuteng o entang ha ka makhetlo a ma beli.
“Boemo ba litšoaetso bo ntse bo theoha”, ho bolela monghali Ntoi.
A hlalosa hore boemo ba bokuli le bona boeme nqa e le ngoengoe ha bo ea nyoloha kapa ho theoha. A re batho ba ne bakene sepetlele ba ne ba etsa linoko tse 14 lekholong e le hore bo ntse bo lemaemo a ntseng a laoleha le ha boemo ba litšoaetso li ile tsa nyoloha.
“Ha rea bona batho ba kula ka bongata, le mafu ka hotšoana boemo bo theohile le bona e bile mafu a mane fela ka beke ka hona ha se boemo bo tlokotsing ke bolaolehang”, ho tsoela pele motlatsi oa mookameli oa NACOSEC.
A toboketsa hore sekhahla sa tšoaetso le sona se theohetse ho karolo ea 7.5 lekholong ho tloha ho karolo 14 le ea 10 ka beke.
Monghali Ntoi a supa hore le ha ho le joalo ho khothaletsoa hore sekhahla sa tšoaetso se be ka tlase ho linoko tse hlano lekholong.
Ka hona taba ena e tiisa hore haesale ho entoa ho na le phethoho e kholo ea boemo ba bokulo le mafu, e le se ileng sa hlalosoa ke litsebi tsa bophelo hore ente e fokotsa sekhahla.
Lipalo tsa batho ba entileng e eketsehile haholo le eona, sena se bonahala ka ho nyoloha hoa lipalo tsa beke le beke.
A re motho ha fihla litsing tsa bophelo a batla litšebeletso oa tataisoa hore a ente, ha qobelloe ho enta empa ho etsoa litlhatlhobo pele.
______________________________________________________________________________________
Advert
