Motsoka-lesela papaling ea bolo ea maoto ea seng a fitletse boemo bophahameng monghali Souru Phatšoane o amohetse khau hotsoa ho mokhatlo o tsamaisang bolo ea maoto Lesotho.

Khau ena o amohetse hotsoa ho LeFA ka la 14 Hlakola monogoaha ntlokholo ea mokhatlo oa papali ea bolo ea maoto Bambatha Tsita.
Monghali Phatšoane le basebetsi ‘moho le eena ba Afrika Boroa ba ile ba ipabola ka ho tsamaisa papali ea makhaola-khang lipakeng tsa Senegal le Egypt. Papaling ena ea AFCON Senegal e ile ea ikhapela eona ka thaho ea mekoko.
Ha a mohela khau ena monghali Phatšoane o hlalositse hore ka mehla ke takatso ea hae ea hore a iphumane a tsamaisa papali boemong ba makhaola-khang.
“Le ha ke ne ke sa lebella hore litlholisanong tseo tsa Cameroon nka iphumana ke fitlela boemong boo ke ne ke thabile haholo”, ho bolela monghali Phatšoane.
O supile hore ho tloha mona o tla itolobetsa haholo.
A phethela ka hore a ka sebetsa le batsamaisi bohle ba lipapali ha ho ea khetholohileng.
Setho sa komiti ea phethahatso ea mokhatlo oa bolo ea maoto (LeFA) monghali Tebalo Mpiti o lebohetse monghali Phatšoane ka katleho ena ea e fitletse bophelong ba hae.

Monghali Mpiti eo e leng moetapele oa mokhatlo oa batsamaisi ea bolo ea maoto e bile e le mookameli oa setereke sa Qacha’sneck (DiFA) o supile hore ho ea khothatsa ho bona bacha ba sebetsa ka that lipapaling.
A khothaletsa bacha ho ikakhela ka setotsoana tsamaisong ea bolo ea maoto e le ho nka malebela ho monghali Phatšoane.
A phethela ka ho mo lakaletsa hore ka moso a tsamaise boemong ba mohope oa lefatše.
_________________________________________________________________________
Advert
