Sehlopha sa Kaizer Chiefs sa Afrika Boroa se nyolohetse boemong ba bobeli liking ea DSTv ea naha eo.
Amakhosi ka moo sehlopha sena se tsebahalang ka teng se hloele ka leri ka mora ho tlabola Baroka ka ntlha e le ngoe (1-0) ka la 26 Hlakola monongoaha lebaleng la Peter Mokaba.
Nthla ena ea Chiefs e hlabiloe ke Khama Billiat ha papali e se e le mathuleng a ho fela ha metsotso e le 94.
Papali ena e bile matla haholo e bile e etella pele e mahlo mafubelu e tla ba lipakeng tsa eona le Orlando Pirates ka Moqebelo o tlang ha hora ea bohlano e file ka metsotso e 30.
Lihlopha tsena ha li kopana ho qoba lerole hobane ke lipoho tse peli tsa Afika Boroa.
Baroka e ntse sekokometse mohatleng ka mora ho fumana phafa ena ea Amakhosi ha boemong ba pele e ntse e le Mamelodi Sundowns.