Sehlopha sa bolo ea maoto sa Lioli se ntšitse phatlalatso eo ka eona se hlalosang hore motlatsi oa mookameli o beha meja fatše. Polelo e baleha joana:
Kamora hore a fuoe boikarabello ba ho ba moahloli ka hara naha ea Lesotho, Motlatsi oa President Advocate Hopolang Nathane KC o itokollotse mosebetsing oa hae ka hara sehlopha.
Sena o se etsa hobane mosebetsi oa hae o mocha o se o sa mo lumelle hore a ka tsoela pele hoba karolo ea sehlopha sa Lioli Board of Directors.
Ho khethoeng hoa hae e le Motlatsi oa President ea Lioli FC o boetse a khethoa e le Motlatsi oa mongoli oa PLMC, ‘me hona ho bolela hore o tla siea maemo ana a bolong a mabeli.
Re rata ho mo leboha ka tšebetso e matla, e tsoileng matsoho eo a e entseng kahara sehlopha sa rona le papaling ea bolo ka kakaretso, ‘me re le botsamaisi re mo lakaletsa mahlohonolo mosebetsing oo a tlang ho tsoela pele ka ona.
Ha li ba jee…