Likolo tsa mathomo li bapala cricket Berea

Likolo tsa mathomo tse kaholimo ho leshome li tla tšoara lipapali tsa cricket sekolong sa Cana Berea Lesotho ka Moqebelo oa la 15 Mphalane monongoaha.

Lipapali tsena li hlophisitsoe le ho tšehetsoa ke mokhatlo o tsamaisang papali ea cricket ka hara naha (LCA).

Sekolo ka seng se lebeletsoe ho tlisa bana ba bashanyana le banana ba lekholo ba lilemo li lipakeng tsa robong le 13.

Hoea  ka mohlophisi oa lipapali tsena e bile e le mongoli oa mokhatlo oa Cricket Lesotho mofumahali Anna Moeti Thoahlane o hlalositse hore lihlopha tse peli tse fitlang li tla abeloa thepa ea ho bapala.

Likolo tseo ke sa Tšekelo R.C le Masoeling.

Lihlopha tse ling tse tla kenela lipapali tsena tsa tikoloho ea TY (TY Zone B) ke:

  1. Tšekelo LECSA
  2. Mokhehle
  3. Thotapeli
  4. Cana 
  5. Phoofolo
  6. St. David
  7. Mantoetse
  8. Lenea
  9. Ty. Eng. Medium

Mofumahali Thoahlane o phethetse puo ea hae ka ho supa hore lihlopha tse kenetseng lipapali tsena li tla fumana li “bat” tse peli sehlopha ka seng.

Leave a Reply

Fill in your details below or click an icon to log in:

WordPress.com Logo

You are commenting using your WordPress.com account. Log Out /  Change )

Twitter picture

You are commenting using your Twitter account. Log Out /  Change )

Facebook photo

You are commenting using your Facebook account. Log Out /  Change )

Connecting to %s

%d bloggers like this:
search previous next tag category expand menu location phone mail time cart zoom edit close