Lesotho le koebana le Eswatini Zimbabwe lipapaling tsa IHF Zone 6

Sehlopha sa handball sa ba katlaase ho lilemo tse 20

Sehlopha sa papali ea handball sa ba ka tlaase ho lilemo tse 20 (Junior) sa Lesotho se tla koebana le sa Eswatini kajeno ka hora ea bobeli lebaleng la Chitungwiza Aquatic, Zimbabwe.

Ke linaha tse tšeletseng kaofela tse kenetseng lipapali tsena Zimbabwe tse kenyeletsang Eswatini , Lesotho, Malawi, South Africa, Zambia le Zimbabwe.

 Ho ea ka moqolotsi oa Lesotho ea Zimbabwe monghali Walter Nkopane ho chesa haholo naheng ena ho feta Lesotho. Ka hona taba ena e ka ‘na ea ama papali ea libapali tsa Lesotho.

A supa hore bakoetlisi ba se ntse ba sebetsana le boemo boo ba mocheso.

“Sehlopha se nepahetse ke tšepo eaka hore se tla sebetsa hantle le ka hara mocheso ona o ntšang koena bolibeng”, ho phethela monghali Nkopane.  

Ha e le sehlopha sa ba ka tlase ho lilemo tse 18 (Youth) bona ba tla nkhisetsana mahafi le sehlopha sa Zambia hona kajeno hape lebaleng la City Sports Complex.

Lipapali tsa kajeno li eme joana:

1300hrs- Lesotho vs Swaziland (Junior)

1445hrs- Zambia vs Lesotho (Youth)

1630hrs- SA vs Zambia (Junior)

1815hrs- Swaziland vs Zimbabwe (youth)

2000hrs – Malawi vs Zimbabwe (Junior)

Leave a Reply

Fill in your details below or click an icon to log in:

WordPress.com Logo

You are commenting using your WordPress.com account. Log Out /  Change )

Twitter picture

You are commenting using your Twitter account. Log Out /  Change )

Facebook photo

You are commenting using your Facebook account. Log Out /  Change )

Connecting to %s

%d bloggers like this:
search previous next tag category expand menu location phone mail time cart zoom edit close