Lesotho le phahamisa folakha Zimbabwe

Le ha sehlopha sa bahlankana sa Lesotho sa handball se ne se sa itlhophisa hantle empa se tloebile sa Eswatini ka lintlha tse 27 ho tse supileng (27-7) papaling ea pele kajeno.

Lipapali tsena tsa Zone 6 tse tsoelang pele Zimbabwe sehlopha sa ba ka tlaase ho lilemo tse 20 se sebelitse ka thata ho hapela Basotho tlholo.

Hoea ka mokoetlisi oa sehlopha sena monghali Limpho Tshabalala o boletse hore le ha ba sa koetla hantle bahlankana ba sebelitse ho latela litaelo tseo a ba fileng tsona.

“Libapali tsa heso li ile tsa phethisa litaelo tsaka, ‘me ke thabile ke hona”, ho bolela monghali Tshabalala.

A supa hore papaling e hlahlamang o tla fetola maoa e le hore a tsebe ho hlola hape.

A phethela ka ho kopa Basotho ho ba tšehetsa a bile a ba tšepisa hotla le khau ea khauta Zimbabwe ha ba khutlela hae.

Ho sa le joalo ha e le sehlopha sa ba ka tlaase ho lilemo tse 18 sona se shashariloe ka phafa ea 58 ho tse robong ke Zambia (58 -9).

Puisanong ea mokoetlisi oa sehlopha seo le moqolotsi oa Lesotho monghali Walter Nkopane monghali Mohlalefi Senohe o tobokelitse hore ba lekile le hoja ba ne ba bapala le sehlopha se matla sa Zambia.

A supa hore bahlankana ba ithutile tse ngata papaling eo, ke tšepo ea hae hore papaling e hlahlamang ba tla sebetsa hantle.

A re sehlopha sa Zambia se bile le nako e lekaneng ea ho koetla.

Monghali Senohe o hlalositse hore lipapali tsa hae li oele moea le ka morao ho hore sebapali se seng se fumane karete e khubelu sa tsoa ka lebaleng.

Ha e le sebapali se ipabotseng papaling ea ba ka tlase ho lilemo tse 20 Tholoana Phelane o hlalositse hore o tlohile Lesotho a na le tlholo ka pelong ea hae.

“Ke tlohile hae ke ikutloa hore ke koetlile ho lekana hore ke hapele Basotho Tlholo”, ho toboketsa Phelane.

A re o thabile haholo ke tlholo eo.

A toboketsa hore le ha ba sa fumana monyetla oa ho ikoetlisa ‘moho ha ba le hae empa ba tla sebetsa ka thata ho hapa papali e hlahlamang. 

Hosane ka la 19 Mphalane lihlopha li tla nkhisetsana mahafi ka tsela e joana:

Ba ka tlaase ho lilemo tse 18 – Lesotho le Zimbabwe

Ba ka tlaase ho lilemo tse 20 – Zambia le Lesotho

Leave a Reply

Fill in your details below or click an icon to log in:

WordPress.com Logo

You are commenting using your WordPress.com account. Log Out /  Change )

Twitter picture

You are commenting using your Twitter account. Log Out /  Change )

Facebook photo

You are commenting using your Facebook account. Log Out /  Change )

Connecting to %s

%d bloggers like this:
search previous next tag category expand menu location phone mail time cart zoom edit close