Lerotholi o hapa khau

Mpiti Lerotholi

Sehlopha sa bahlankana sa naha sa cricket se hlabile ka lenaka ka ho tlaboloa ka li wicket tse 10 ke sa Botswana papaling ea bobeli kajeno ka la 18 Pulungoana monongoaha.

Lipapali tsena li ntse litsoela pele naheng ea Rwanda ke tsa ho fetela mokhahleong oa lipapali tsa mohope oa lefatše (ICC T20 World Cup Sub Regional Africa A Qualifier 2024).

Lesotho le bonahetse le hula ka litlhako tsa morao ha Botswana e ne e tihisitse meqheleba.

Ha e le papaling ea pele Lesotho le mamotse Mali ka li run tse 31.

Mona teng Lesotho le ne le jele masoko.

Papaling ena Mpiti Lerotholi e bile eena sebapali se hloahloa ka ho hlaba li run tse 45 ebile e le lekhetlo la hae la pele a bapalla sehlopha sa naha.

Ka hona o ile a hapa mohope.

Lesotho le tla boela le bapala le Seycheles ka la 20 Pulungoana.

Leave a Reply

Fill in your details below or click an icon to log in:

WordPress.com Logo

You are commenting using your WordPress.com account. Log Out /  Change )

Twitter picture

You are commenting using your Twitter account. Log Out /  Change )

Facebook photo

You are commenting using your Facebook account. Log Out /  Change )

Connecting to %s

%d bloggers like this:
search previous next tag category expand menu location phone mail time cart zoom edit close