Kompone ea mehala ea Lesotho Econet Lesotho e tšoere thipa ka bohaleng ka ho kenya letsoho letoma ho bona hore Lesotho le kenela lipapali tsa AUSC Region 5 Malawi.
Litaba tsena li hlaheletse ‘mokeng oa boralitaba tsa lipapali li mapatlelong a Komisi ea Lesotho ea lipapali (LSRC) ka la Ngoe Tšitoe, monongoaha.

Econet Lesotho e fane ka chelate e kalo ka M500, 000.00 e le ho tlatsetsa hore leeto le atlehe.
Lipapali tsena tse tsoelang pele naheng e boletsoeng Lesotho le ne le le mothating oa ho se likenele hobane hothoe chelete ha eo.
Mofumahali ‘Mapusetso Ntšekhe hotsoa Econet “Marketing and Customer Experience” o hlalositse hore Lekala la Lipapali le moifo oa Lesotho Sports and Recreation (LSRC) ba ile ba ba atamela ho ba hlokomelisa hore khomo e oetse.
“Mohlomphehi letona Pitso Lesaooana o ile a re tsebisa taba ena e bohloko ruri, eaba ha re itheke moroalo re kenya letsoho”, ho rialo mofumahali Ntšekhe.
O tsoetse pele ho supa hore ba batla ho kenya letsoho ntlafatsong ea litalente tsa bana ba Lesotho.
A re haeba sena ha se ea tsoela pele libapali li ne li tla utloa bohloko.
“Ke leboha boitolobetso bo entsoeng ke letona le moifo oa LSRC hore ba ile ba re etsa karolo ea pharela ena ha lihloa lekhoara.
O bontšitse hore mosebetsi o mongata o lokeloang ho etsoa le boithuto bo tebileng molemong oa ho ntlafatsa lipapali Lesotho.
A supa hore ba tla tsoela pele ho tšehetsa lipapali.
“Ke hopola hantle hore ha se lekhetlo la pele re tšehetsa lipapali Lesotho. Re sebelisitse chelete e hakanyetsoang ho limilione tse tharo selemong sena feela ntlafatsong ea lipapali”, ho phethela mofumahali Ntšekhe.
Ha e le mookameli oa LSRC (CEO) monghali Thabo Tsiki o supile hore litlhophiso tse kenyeletsang ho kopa chelete lekaleng la lipapali li entsoe ka nako e lekaneng.
A supa hore u bile a koptjoa hore a theole likhakanyo tsa lichelete ho fihla ho limilione tse ‘ne.

“Re ile ra hlokomelisa lekala hore chelete eo ha e fihlele litlhoko tsa leeto leo”, ho bolela monghali Tsiki.
Mookameli o tsoetse pele ho supa hore botsamaisi ba AUSC Region 5 bo ne bo ile ba hlalosa hore ha ho ea nepahala hore sehlopha sa Lesotho se ka tsamaea ka bese empa ba ilo bapala hobane ba tla khathala e be ha ba sebetse hantle lipapaling tseo.
Empa eitse ha ho fumaneha hore chelete ea fokola eaba libapali li kopa letona hore li tsamae fatše, li tingoe chelete (Allowances) ba hlopheloe mokha oa ho tsamaea le lijo ba tla itlama mala masesane.
Moetapele oa LSRC monghali Litšitso Motšeremeli eena o supile hore cheleteng eo ‘muso o tšepisitseng hore o tla fana ka eona e limilione tse ‘ne o fane feela ka milione o le mong le bohashana ka holimo.
E le hore chelete e fetang limilione tse peli ha e so be teng.
Lipapali tse tšoanang li ile tsa tšoara mona Lesotho ngoahola, e ne ntse e le pharela ho se nko hotsoa lemina.
Ho boetse ntho e tšoanang e ntse e tsahala monongoaha, e be semphu senkha kae.