Lipapaling tsa volleyball tsa Zone VI Club Championship tse ntse li tsoela pele Zambia ho tloha li 14 tsa khoeli e holimo sehlopha sa Lesotho Red Skins se bonahetse se hula ka falese.
Sehlopha sena se thakhotse lipapali tsa sona ka ho lebahanya thebe le Green Bufalos ea Zambia,‘me sa hloloa ka lintlha tse tharo ho lehe (3:0).
Bufalos e hlile ea sebetsa ka thata ho bokella lintlha ka mokhoa o latelanag; 25:14, 25:18 le 25:21.
Letsatsing le hlahlamang Red Skins e boetse ea halaloa ke Police VI ea Botswana ka tharo ho lehe (3:0).
Ka hona sehlopha sa hae se boemong ba ho qetele sehlotšoaneng sa C.
Ha e le letsatsing la boraro e leng kajeno Red Skins e ne e lebeletsoe ho bapala le sehlopha sa Malawi e leng Wolves, empa leselinyana ha le so fumane sephetho.
Ke lihlopha tse hlano kaofela sehlotšoaneng sena sa C, e le Red Skins, NABA, Green Buffalos, Police VI le Wolves.