Sehlopha sa cricket sa India se tlabotse sa Sri Lanka ka li “run” tse peli papaling ea tsona ea T20 e ntse tsoela pele lebaleng la Wankhede, India ka la Tharo Pherekhong monongoaha.
Litaba tsena li tlile ka morao ho hore India e bokelle lintlha tse 162 e le ha ho tsoile libapali tse hlano (162/5).
Ha e le Sri Lanka eona e atlehile ho bokella “ li run” tse 160 ho tsoile libapali kaofela.
Lipapali tsena ke tsa letoto la mekhahlelo e meraro, ‘me ena kea pele ho setse tse peli.
Sebapali sa India se ipabotseng papaling ena ke Deepak Hooda.
Papali e thakhohile ka hore Sri Lanka e hape khetho ka lotho , eaba e ikhethela ho qala ka ho betsa (bowling) bolo ha India e otla bolo (Batting).
Ho sa le joalo papaling ea letoto (Series) e lipakeng tsa Pakistan le New Zealand e thakhohileng maobane ka la Peli ‘me e tla fela ka la tšelela (2-6) khoeling e holimo Pakistan e morao ka li “run” tse 295.
Sena se tla ka morao ho hore New Zealand e bokelle tse 449 libapali li tsoile kaofela ha Pakistana e ntse e le eona e ntse bapala e na le 154 ho tsoile libapali tse tharo (154/3) ho mokhahleo oa pele (First Innings).
Papali ena e tla tsoela pele hosane ka la ‘ne Pherekhong, ‘me Pakistan e ntse e le eona e khahlolang bolo ka makhethe.